Ke Moeti Lyrics

Ke Moeti Lyrics

Ke Moeti Lyrics

Ke moeti, ke le tseleng,
Ke feta ke tsamaya,
Leha tsela e le bothateng,
Ke labile hae.
Fifi lona le k aba teng,
Nka ‘na ka tsieleha;
Ana nka belaela ke’ng?
Ke labile hae.

Mona ke ‘musong wa dira,
Makhotla a ntikile,
A rwar; ke tswela pele,
Ke labile hae.
Mohlomong ke fela pelo,
ke ya imelwa, ke ya lela;
Leha ho le hotshot-hotsho,
Ke labile hae.

Ke melekong ka matsatsi,
Ke hlora, ke teneha,
Ke mpa ke sa qopheletse,
Ke labile hae.
Leha tlala e mpolaya,
Ke tsoile ditlhabela,
Ke khathala, ke nyediswa,
Ke labile hae.

O teng ya ntlosang bodutu,
Ya ntjarelang bothata;
Ha ke mong, ken a le Jesu,
Ke labile hae.
Wa mpoloka, wa nqobela,
O mphemisa maraba;
Ka khotso ke ntse ke fenya,
Ke labile hae.

di se di tla ba morao
Tsa tsela, tsa kajeno,
Mahloko le matshoenyeho,
Ke ya fihla hae.
Jo, thabo e tla ba kaakang,
Ha ke bona Morena,
E le eena ya ntlhapisang,
Ke fihlile hae.

Don't know how to download? Click here

Upload your song here

Advertise here

Be the first to comment

Leave a Reply

Your email address will not be published.


*